12. Lena ke leloko la Ishemaele, mora wa Aborahama, eo Hagare wa Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a ileng a mo tswalla Aborahama.
13. Ana ke mabitso a bara ba Ishemaele ka ho hlahlamana ha tswalo ya bona: Nebajote, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame
14. le Mishema, le Duma, le Masa,
15. le Hadare, le Tema, le Jeture, le Nafisha, le Kedema.
16. Bana ke bona bara ba Ishemaele, mme ana ke mabitso a bona, ho ya ka metse ya bona, le ho ya ka diahelo tsa bona; ke mahosana a leshome le metso e mmedi, ho ya ka merabe ya bona.
17. Dilemo tsa bophelo ba Ishemaele e bile lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. A neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena.
18. Ditloholo tsa hae tsa aha ho tloha Hafila ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta, tseleng e yang Asiria. A aha ka botjhabela ho bana babo.
19. Tsena ke ditaba tsa Isaka, mora wa Aborahama.Aborahama o ile a tswala Isaka.
20. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame.
21. Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.
22. Masea a ne a rahana ka popelong ya hae; yaba o re: “Haeba ho tjee, ekaba ke phelela eng?” A ya botsa Morena,
23. mme Morena a re ho yena:“Ditjhaba tse pedidi ka popelong ya hao,merabe e mmedi e tla arohana,merabe eo e tswe maleng a hao,morabe o mongo tla ba matla ho feta o mong,e moholoo tla sebeletsa e monyenyane.”