Tshimoloho 25:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Aborahama a boela a nyala mosadi e mong, eo lebitso la hae e neng e le Ketura.

2. Mosadi enwa a mo tswalla Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua.

3. Jokoshane a tswala Sheba le Dedane. Ditloholo tsa Dedane e ne e le Baasure, le Baletushe, le Baleumime.

4. Bara ba Midiane e ne e le Efa, le Efere, le Hanoke, le Abida, le Eledaa. Bana bohle e ne e le bara ba Ketura.

5. Aborahama a nea Isaka tsohle tseo a nang le tsona.

6. Empa ha e le bara ba basadi ba hae ba mafielo, Aborahama a ba nea dimpho, mme eitse a sa phela a ba tlosa ho mora wa hae Isaka, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya botjhabela.

7. Ditshiu tsa bophelo ba Aborahama e bile dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.

8. Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu.

9. Bara ba hae, Isaka le Ishemaele, ba mo epela lehaheng la Makapela, tshimong ya Eferone, mora wa Sohara wa Mohete, pela Mamore.

10. Tshimo ena Aborahama o ne a e rekile ho bara ba Hete. Ke moo Aborahama a ileng a epelwa teng, le mosadi wa hae Sara.

11. Kamora lefu la Aborahama, Modimo a hlohonolofatsa Isaka, mora wa hae. Isaka a aha Sedibeng sa Lakai-Roi.

12. Lena ke leloko la Ishemaele, mora wa Aborahama, eo Hagare wa Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a ileng a mo tswalla Aborahama.

Tshimoloho 25