62. Isaka o ne a etswa Sedibeng sa Lakai-Roi kaha o ne a ahile naheng e ka borwa.
63. Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.
64. Rebeka a phahamisa mahlo, mme yare ha a bona Isaka a tholoha kamele.
65. Yaba o re ho mohlanka: “Ke mang monna elwa ya tsamayang mola, ya tlilo re kgahlanyetsa?”Mohlanka a araba, a re: “Ke monga ka.”Jwale Rebeka a nka lesira la hae, a ikgurumetsa.
66. Mohlanka a bolella Isaka dintho tsohle tseo a ileng a di etsa.
67. Isaka a isa Rebeka ka tenteng ya mmae Sara; yaba o a mo nka, e ba mosadi wa hae, mme a mo rata. Isaka a tshediseha kamora lefu la mmae.