Tshimoloho 24:57-66 BIBELE (SSO89SO)

57. Ba re: “Re tla bitsa morwetsana, re utlwe maikutlo a hae.”

58. Jwale ba bitsa Rebeka, mme ba re ho yena: “Na o tla tsamaya le monna eo?”Yena a araba, a re: “Ke tla tsamaya le yena.”

59. Yaba ba lokolla kgaitsedi ya bona Rebeka, le mohodisi wa hae, le mohlanka wa Aborahama le banna ba hae.

60. Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena:“Kgaitsedi ya rona,o ke o be mma dikete tsa dikete;Ditloholo tsa haodi ke di hape metse,di hape metse ya dira tsa tsona.”

61. Yaba Rebeka le makgabunyane a hae ba a ema, ba palama dikamele, ba tsamaya le monna eo. Mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.

62. Isaka o ne a etswa Sedibeng sa Lakai-Roi kaha o ne a ahile naheng e ka borwa.

63. Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.

64. Rebeka a phahamisa mahlo, mme yare ha a bona Isaka a tholoha kamele.

65. Yaba o re ho mohlanka: “Ke mang monna elwa ya tsamayang mola, ya tlilo re kgahlanyetsa?”Mohlanka a araba, a re: “Ke monga ka.”Jwale Rebeka a nka lesira la hae, a ikgurumetsa.

66. Mohlanka a bolella Isaka dintho tsohle tseo a ileng a di etsa.

Tshimoloho 24