46. “A phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, mme a re: <Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao.> Ka nwa, mme a nwesa le dikamele.
47. “Ka nto mmotsa, ka re: <O moradi wa mang?>“A araba, a re: <Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Nakore le Mileka.>“Yaba ke mo rwesa lesale nkong, le dipetja matsohong.
48. Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae.
49. “Jwale, ha le rata ho bontsha mohau le botshepehi ho monga ka, mpolelleng. Le teng haeba ho se jwalo, mpolelleng, e le hore ke tle ke tsebe ho thinyetsa ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.”
50. Yaba bo-Labane le Bethuele ba a araba, ba re: “Taba ena e tswa ho Morena; re ke ke ra bua le wena hampe kapa hantle.
51. Rebeka ke enwa kapele ho wena; mo nke, mme o tsamaye le yena, e yo ba ngwetsi ya monga hao, ho ya kamoo Morena a boletseng kateng.”
52. Ha mohlanka wa Aborahama a utlwa mantswe ana, a inama kapele ho Morena.
53. Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.
54. Jwale yena le banna ba nang le yena ba eja, ba enwa, mme ba hlola bosui moo. Ha ba tsoha hoseng, mohlanka a re: “Ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.”
55. Labane, kgaitsedi ya Rebeka, le mmae ba re: “Morwetsana ha a ke a dule le rona matsatsi a se makae, bonyane matsatsi a leshome; kamorao ho moo a ka tsamaya.”
56. Empa a re ho bona: “Le se ke la ntiehisa, kaha Morena o atlehisitse leeto la ka; ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.”
57. Ba re: “Re tla bitsa morwetsana, re utlwe maikutlo a hae.”
58. Jwale ba bitsa Rebeka, mme ba re ho yena: “Na o tla tsamaya le monna eo?”Yena a araba, a re: “Ke tla tsamaya le yena.”
59. Yaba ba lokolla kgaitsedi ya bona Rebeka, le mohodisi wa hae, le mohlanka wa Aborahama le banna ba hae.
60. Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena:“Kgaitsedi ya rona,o ke o be mma dikete tsa dikete;Ditloholo tsa haodi ke di hape metse,di hape metse ya dira tsa tsona.”
61. Yaba Rebeka le makgabunyane a hae ba a ema, ba palama dikamele, ba tsamaya le monna eo. Mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.
62. Isaka o ne a etswa Sedibeng sa Lakai-Roi kaha o ne a ahile naheng e ka borwa.