Tshimoloho 24:30-47 BIBELE (SSO89SO)

30. Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng.

31. Labane a re: “Kena, wena ya hlohonolofaditsweng ke Morena; o emetseng kantle? Ke se ke o lokiseditse ntlo le sebaka sa dikamele.”

32. Monna eo a kena ka tlung. Labane a qhanolla dikamele, a di fa seteroi le furu; a fa monna eo metsi ho hlatswa maoto a hae le ho hlatswa maoto a banna ba neng ba ena le yena.

33. Yaba ho bewa dijo kapele ho yena, hore a je, empa yena a re: “Ha nka ke ka ja ke eso bolele ditaba tsa ka.”Labane a re: “Bua.”

34. Yaba o re: “Ke mohlanka wa Aborahama.

35. Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki.

36. Sara, mohatsa monga ka, o ile a tswalla monga ka mora boqhekung ba hae, mme monga ka o neile mora enwa tsohle tseo a nang le tsona.

37. Jwale o ile a ntlhapantsha, a re: <O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng naheng ya bona.

38. O tla ya tlung ya ntate le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka mosadi.>

39. “Yaba ke re ho monga ka: <Mohlomong mosadi eo a ke ke a dumela ho tla le nna.>

40. “Empa yena a re ho nna: <Morena eo ke mo kgahlisang ka metsamao ya ka, o tla roma lengeloi la hae le tsamaye le wena, mme a atlehise leeto la hao. O tla nkela mora wa ka mosadi ho bang ka nna, tlung ya ntate.

41. Jwale e tla ba o lokolohile kanong ya hao, ha o ka fela wa fihla ho bang ka nna. Le teng haeba ba sa o nee mosadi eo, e tla ba o lokolohile kanong ya hao.>

42. “Kajeno ha ke fihla sedibeng ke ile ka re: <Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, haeba jwale o ka atlehisa leeto la ka,

43. ho ke ho etsahale tjena. Ke eme sedibeng mona. Ha morwetsana a ka tla ho kga metsi, ke tla re ho yena: Ako mphe metsinyana nkgong ya hao, ke nwe.

44. Ha a ka re: Nwa, mme ke tla kgella le dikamele tsa hao, e tla ba ke yena mosadi eo Morena a mo kgethetseng mora wa monga ka.>

45. “Yare ke eso qete ho bua ka pelong ya ka, ka bona Rebeka a etla, a beile nkgo lehetleng la hae, mme a theohela ka sedibeng, a kga metsi. Yaba ke re ho yena: <Ke a o rapela, ako mphe metsi ke nwe.>

46. “A phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, mme a re: <Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao.> Ka nwa, mme a nwesa le dikamele.

47. “Ka nto mmotsa, ka re: <O moradi wa mang?>“A araba, a re: <Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Nakore le Mileka.>“Yaba ke mo rwesa lesale nkong, le dipetja matsohong.

Tshimoloho 24