23. Yaba o re: “O moradi wa mang? Ako mpolelle hle. Na tlung ya ntatao re ka fumana sebaka sa ho robala?”
24. Morwetsana a mo araba, a re: “Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Mileka, le Nakore.”
25. A boela a re ho yena: “Re na le seteroi le furu e lekaneng, le moo le ka robalang teng.”
26. Yaba monna eo o a inama, o kgumamela Morena,
27. o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”
28. Jwale morwetsana, a matha, a ya bolella ba ntlo ya mmae tsena.
29. Rebeka o ne a ena le kgaitsedi ya hae, e bitswang Labane; yaba Labane o mathela ho monna eo ya sedibeng.
30. Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng.
31. Labane a re: “Kena, wena ya hlohonolofaditsweng ke Morena; o emetseng kantle? Ke se ke o lokiseditse ntlo le sebaka sa dikamele.”
32. Monna eo a kena ka tlung. Labane a qhanolla dikamele, a di fa seteroi le furu; a fa monna eo metsi ho hlatswa maoto a hae le ho hlatswa maoto a banna ba neng ba ena le yena.
33. Yaba ho bewa dijo kapele ho yena, hore a je, empa yena a re: “Ha nka ke ka ja ke eso bolele ditaba tsa ka.”Labane a re: “Bua.”
34. Yaba o re: “Ke mohlanka wa Aborahama.
35. Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki.
36. Sara, mohatsa monga ka, o ile a tswalla monga ka mora boqhekung ba hae, mme monga ka o neile mora enwa tsohle tseo a nang le tsona.
37. Jwale o ile a ntlhapantsha, a re: <O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng naheng ya bona.
38. O tla ya tlung ya ntate le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka mosadi.>
39. “Yaba ke re ho monga ka: <Mohlomong mosadi eo a ke ke a dumela ho tla le nna.>
40. “Empa yena a re ho nna: <Morena eo ke mo kgahlisang ka metsamao ya ka, o tla roma lengeloi la hae le tsamaye le wena, mme a atlehise leeto la hao. O tla nkela mora wa ka mosadi ho bang ka nna, tlung ya ntate.
41. Jwale e tla ba o lokolohile kanong ya hao, ha o ka fela wa fihla ho bang ka nna. Le teng haeba ba sa o nee mosadi eo, e tla ba o lokolohile kanong ya hao.>