Tshimoloho 24:12-24 BIBELE (SSO89SO)

12. Yaba o re: “Morena Modimo wa monga ka Aborahama, ako nkatlehise kajeno, ke a o rapela, o hauhele monga ka Aborahama.

13. Bona, ke eme pela sediba, mme baradi ba batho ba motse ona ba tla tla ho kga metsi.

14. Ho ke ho etsahale hore morwetsana eo ke tla re ho yena: <Ako role nkgo ya hao ke nwe,> ebe o re ho nna: <Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,> e be yena eo o mo kgethetseng mohlanka wa hao Isaka. Ka hona ke tla tseba hore o hauhetse monga ka.”

15. Yare a eso qete ho bua, Rebeka, moradi wa Bethuele ya tswetsweng ke Mileka, mosadi wa Nakore, moena wa Aborahama, a hlaha a beile nkgo lehetleng.

16. Morwetsana enwa o ne a le motle haholo, a eso dihuwe letswele. A theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a nyoloha.

17. Yaba mohlanka o mathela ho yena ho mo kgahlanyetsa, o re: “Ke a o rapela, ako mphe metsinyana nkgong ya hao ke nwe.”

18. Morwetsana a re: “Nwa, monghadi,” mme a phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, a mo nwesa.

19. Ha morwetsana a qetile ho mo fa metsi hore a nwe, a re: “Ke tla kgella le dikamele tsa hao, ho fihlela le tsona di kgotswe.”

20. A phakisa a tshollela metsi a ka nkgong ya hae senwellong sa diphoofolo, a boela a mathela sedibeng ho kga metsi, mme a kgella dikamele tsa hae kaofela.

21. Monna eo a mo shebisisa a kgutsitse, ho ithuta hore na Morena o atlehisitse leeto la hae kapa tjhe.

22. Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.

23. Yaba o re: “O moradi wa mang? Ako mpolelle hle. Na tlung ya ntatao re ka fumana sebaka sa ho robala?”

24. Morwetsana a mo araba, a re: “Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Mileka, le Nakore.”

Tshimoloho 24