Tshimoloho 24:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Aborahama o ne a se a tsofetse, a atetswe ke ditshiu, mme Morena o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle.

2. Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka,

3. ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,

4. empa o tla ya naheng ya heso, le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka Isaka, mosadi teng.”

5. Yaba mohlanka o re ho yena: “Mohlomong mosadi eo a ke ke a dumela ho tla le nna naheng ena; na jwale ke tla tshwanela ho kgutlisetsa mora wa hao naheng eo o tswang ho yona na?”

6. Aborahama a re ho yena: “Hlokomela hore o se ke wa kgutlisetsa mora wa ka moo.

7. Morena, Modimo wa lehodimo, ya ileng a ntlosa tlung ya ntate le naheng eo ke ileng ka tswallwa ho yona, o ne a bue le nna, mme a ntlhapanyetsa, a re: <Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena.> Ke yena ya tla romela lengeloi la hae ho o etella pele, mme o tla nkela mora wa ka mosadi hona teng.

8. Empa haeba mosadi eo a sa rate ho tla le wena, e tla ba wena o lokolohile kanong ena eo o nketseditseng yona; feela ha e le mora wa ka, o se ka wa mo kgutlisetsa moo.”

9. Yaba mohlanka o bea seatla sa hae katlasa serope sa Aborahama, monga hae, mme a mo hlapanyetsa tabeng ena.

10. Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.

11. A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona.

12. Yaba o re: “Morena Modimo wa monga ka Aborahama, ako nkatlehise kajeno, ke a o rapela, o hauhele monga ka Aborahama.

13. Bona, ke eme pela sediba, mme baradi ba batho ba motse ona ba tla tla ho kga metsi.

Tshimoloho 24