8. A bua le bona, a re: “Haeba le utlwisisa hore ke yo epela mofu wa ka, mmameleng he. Nkopeleng Eferone, mora wa Sohara,
9. hore a nnee lehaha la Makapela, leo e leng la hae, le sebakeng seo tshimo ya hae e fellang ho sona. A ke a nnee lona moo lona le leng teng, ka theko e lokelang, e be setsha sa ka sa mabitla.”
10. Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:
11. “Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.”
12. Aborahama a isa hlompho ho beng ba naha,
13. mme a bua ho Eferone, moo beng ba naha ba ntseng ba utlwa, a re: “Haeba o rata ha ke e reka, ako mmamele hle. Ke tla reka tshimo eo ka tjhelete; e amohele, mme ke tla epela bafu ba ka ho yona.”
14. Eferone a araba Aborahama, a re:
15. “Monghadi, ako mmamele. Tshimo eo theko ya yona e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, hoo ke eng ho rona le wena? Epela bafu ba hao.”
16. Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi.