2. Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.
3. Aborahama a siya mofu wa hae, a ya bua le Bahete, a re:
4. “Ke molata le mojaki hara lona; mpheng setsha sa mabitla, ke tle ke yo epela mofu wa ka ho sona.”
5. Bahete ba araba Aborahama, ba re:
6. “Ako re mamele, monghadi. O kgosana e matla hara rona; epela mofu wa hao lebitleng le letleletle hara mabitla a rona. Ha ho le ya mong wa rona ya tla o hanela ka lebitla, ho epela mofu wa hao.”
7. Aborahama a ema, a isa hlompho ho Bahete, beng ba naha.
8. A bua le bona, a re: “Haeba le utlwisisa hore ke yo epela mofu wa ka, mmameleng he. Nkopeleng Eferone, mora wa Sohara,
9. hore a nnee lehaha la Makapela, leo e leng la hae, le sebakeng seo tshimo ya hae e fellang ho sona. A ke a nnee lona moo lona le leng teng, ka theko e lokelang, e be setsha sa ka sa mabitla.”
10. Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:
11. “Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.”
12. Aborahama a isa hlompho ho beng ba naha,
13. mme a bua ho Eferone, moo beng ba naha ba ntseng ba utlwa, a re: “Haeba o rata ha ke e reka, ako mmamele hle. Ke tla reka tshimo eo ka tjhelete; e amohele, mme ke tla epela bafu ba ka ho yona.”