16. Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi.
17. Tshimo ya Eferone e Makapela e pela Mamore, ke hore tshimo le lehaha le neng le le ho yona, le difate tsohle tse neng di le tshimong ka bonamo ba yona, tsena tsa neelwa
18. Aborahama hore e be leruo la hae. Hona ha etswa moo Behete bohle, ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse wa Hete, ba ntseng ba bona.
19. Kamora tsena Aborahama a epela mosadi wa hae Sara ka lehaheng la tshimo ya Makapela, e pela Mamore, e leng Heborone e naheng ya Kanana.
20. Tshimo le lehaha le ho yona, tsa newa Aborahama ke Bahete, hore e be setsha sa hae sa mabitla.