9. Ba fihla sebakeng seo Modimo a ileng a mmolella sona. Aborahama a haha aletare hona teng, a bea patsi hantle; yaba o tlama mora hae Isaka, o mmea hodima aletare, kahodima patsi.
10. Jwale Aborahama a otlolla letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora wa hae.
11. Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!”Yaba o re: “Ke nna enwa.”
12. La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”
13. Aborahama a phahamisa mahlo, mme a tadima, a bona pheleu kamora hae, dinaka tsa yona di tshwasitswe sehlahleng. Aborahama a ya, a nka pheleu, mme a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, bakeng sa mora wa hae.