Tshimoloho 22:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Lengeloi la Morena la howeletsa Aborahama kgetlo la bobedi, le ntse le le lehodimong,

16. mme la re: “Morena o re: <Ke ikanne ka bonna, hore kaha o entse ntho ena, o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,

17. ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.

18. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.> ”

19. Jwale Aborahama a kgutlela ho bahlanka ba hae; ba tsamaya hammoho ho kgutlela Beeresheba, mme a aha teng.

20. Aborahama a tsebiswa, ha thwe: “Bona, Mileka le yena o tswaletse moena hao, Nakore, bana.

21. Wa matsibolo ke Use, le Buse moena hae, le Kemuele, ntata Arame;

22. le Kesede, le Haso, le Piladashe, le Jidalafa, le Bethuele.

23. Bethuele a tswala Rebeka, mme ba robedi bana ke bao Mileka a ba tswaletseng Nakore moena wa Aborahama.

24. Mosadi wa hae wa lefielo, ya bitswang Reuma, le yena a tswala Teba, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.”

Tshimoloho 22