Tshimoloho 22:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Aborahama a phahamisa mahlo, mme a tadima, a bona pheleu kamora hae, dinaka tsa yona di tshwasitswe sehlahleng. Aborahama a ya, a nka pheleu, mme a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, bakeng sa mora wa hae.

14. Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”

15. Lengeloi la Morena la howeletsa Aborahama kgetlo la bobedi, le ntse le le lehodimong,

16. mme la re: “Morena o re: <Ke ikanne ka bonna, hore kaha o entse ntho ena, o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,

17. ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.

18. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.> ”

19. Jwale Aborahama a kgutlela ho bahlanka ba hae; ba tsamaya hammoho ho kgutlela Beeresheba, mme a aha teng.

20. Aborahama a tsebiswa, ha thwe: “Bona, Mileka le yena o tswaletse moena hao, Nakore, bana.

21. Wa matsibolo ke Use, le Buse moena hae, le Kemuele, ntata Arame;

22. le Kesede, le Haso, le Piladashe, le Jidalafa, le Bethuele.

23. Bethuele a tswala Rebeka, mme ba robedi bana ke bao Mileka a ba tswaletseng Nakore moena wa Aborahama.

24. Mosadi wa hae wa lefielo, ya bitswang Reuma, le yena a tswala Teba, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.”

Tshimoloho 22