Tshimoloho 22:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!”Yena a re: “Ke nna enwa.”

2. Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.”

3. Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.

4. Ka letsatsi la boraro, ha Aborahama a phahamisa mahlo, a bonela sebaka seo hole.

5. Aborahama a re ho bahlanka ba hae: “Lona salang mona le tonki. Nna le moshanyana re tla ya mose mane, re yo kgumamela Modimo, ebe re kgutlela ho lona hape.”

6. Yaba Aborahama o nka patsi ya setjheso, o e jarisa mora wa hae Isaka; yena a nka mollo le thipa, ba tsamaya mmoho ba babedi.

7. Isaka a bua le ntatae Aborahama, a re: “Ntate!”Aborahama a re: “Ke nna enwa, ngwana ka.”Yaba o re: “Mollo le patsi ke tsena; jwale konyana ya sehlabelo sa setjheso e kae?”

8. Aborahama a araba, a re: “Ngwana ka, Modimo o tla bona, a ipatlele konyana ya sehlabelo sa setjheso.” Yaba ba ntse ba tsamaya mmoho ba babedi.

9. Ba fihla sebakeng seo Modimo a ileng a mmolella sona. Aborahama a haha aletare hona teng, a bea patsi hantle; yaba o tlama mora hae Isaka, o mmea hodima aletare, kahodima patsi.

10. Jwale Aborahama a otlolla letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora wa hae.

11. Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!”Yaba o re: “Ke nna enwa.”

Tshimoloho 22