Tshimoloho 21:29-34 BIBELE (SSO89SO)

29. Abimeleke a re ho Aborahama: “Dikonyana tsee tse supileng, tse tshehadi, tseo o di kgethetseng kathoko, di bolela eng?”

30. Aborahama a re: “Dikonyana tsena tse supileng tse tshehadi, o tla di amohela di etswa matsohong a ka, e be bopaki ba hore sediba sena se tjhekilwe ke nna.”

31. Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng.

32. Ba etsa selekane Beeresheba jwalo. Yaba Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba a tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita.

33. Aborahama a lema sefate sa tamarisika moo Beeresheba, mme hona teng a rapela Morena, Modimo wa mehla yohle.

34. Aborahama a jaka naheng eo ya Bafilesita ka ditshiu tse ngata.

Tshimoloho 21