Tshimoloho 21:18-32 BIBELE (SSO89SO)

18. Phahama, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.”

19. Jwale Modimo a tutubolla mahlo a Hagare, yaba o bona sediba; a ya ho sona, a tlatsa lekuka ka metsi, a le nea moshanyana, a nwa.

20. Modimo a ba le moshanyana, mme a hola; a phela lehwatateng, ya eba setsebi sa ho fula ka seqha.

21. A aha lehwatateng la Parane, mme mmae a mo nyadisa mosadi ya tswang naheng ya Egepeta.

22. Ka yona nako eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba bua ho Aborahama, ba re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang.

23. Ka baka leo he, ntlhapanyetse mona ka lebitso la Modimo, hore nna, le bana ba ka, le ditloholo tsa ka, wena o ke ke wa re etsetsa bolotsana; le hore ho ya kamoo ke o hauhetseng kateng, le wena o tla nkgauhela, esita le yona naha eo o jakileng ho yona.”

24. Aborahama a re: “Ke a hlapanya.”

25. Yare ha Aborahama a ipelaetsa ho Abimeleke ka baka la sediba seo bahlanka ba Abimeleke ba mo amohileng sona ka dikgoka,

26. Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o eso ka o mpolella yona, le ho e utlwa ke qala ho e utlwa kajeno.”

27. Yaba Aborahama o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, o e nea Abimeleke, mme banna bao ba babedi ba etsa selekane.

28. Aborahama a kgetha le dikonyana tse supileng, tse tshehadi, mohlapeng wa hae, a di beela kathoko.

29. Abimeleke a re ho Aborahama: “Dikonyana tsee tse supileng, tse tshehadi, tseo o di kgethetseng kathoko, di bolela eng?”

30. Aborahama a re: “Dikonyana tsena tse supileng tse tshehadi, o tla di amohela di etswa matsohong a ka, e be bopaki ba hore sediba sena se tjhekilwe ke nna.”

31. Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng.

32. Ba etsa selekane Beeresheba jwalo. Yaba Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba a tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita.

Tshimoloho 21