11. Ntho ena ya utlwisa Aborahama bohloko haholo, ka baka la mora wa hae.
12. Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.
13. Le ka yena mora wa mosadi wa lekgoba ke tla etsa setjhaba, hobane ke ngwana wa hao.”
14. Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.
15. Ha metsi a ka lekukeng a se a fedile, yaba Hagare o bea moshanyana katlasa sehlahla se seng.
16. Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko.
17. Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.
18. Phahama, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.”
19. Jwale Modimo a tutubolla mahlo a Hagare, yaba o bona sediba; a ya ho sona, a tlatsa lekuka ka metsi, a le nea moshanyana, a nwa.
20. Modimo a ba le moshanyana, mme a hola; a phela lehwatateng, ya eba setsebi sa ho fula ka seqha.
21. A aha lehwatateng la Parane, mme mmae a mo nyadisa mosadi ya tswang naheng ya Egepeta.
22. Ka yona nako eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba bua ho Aborahama, ba re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang.