Tshimoloho 21:1-17 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a etela Sara jwalokaha a ne a boletse, mme Morena a mo etsetsa jwalokaha a ne a mo tshepisitse.

2. Sara a ithwala, a tswalla Aborahama mora boqhekung ba hae, ka nako eo Modimo a neng a buile ho yena ka yona.

3. Aborahama a rea mora eo a mo tswaletsweng ke Sara lebitso la Isaka.

4. Aborahama a bolotsa mora wa hae Isaka ha a ena le matsatsi a robedi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.

5. Ha mora wa hae Isaka a tswalwa, Aborahama o ne a ena le dilemo tse lekgolo.

6. Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.”

7. A boela a re:“Ke mangya neng a ka re ho Aborahama:<Sara o tla ke a nyantshe bana>?

8. Empa ke mo tswaletse moraboqhekung ba hae.”Ngwana a hola, a ba a kgweswa, mme Aborahama a etsa pitiki e kgolo mohla ngwana a kgweswang.

9. Sara a bona mora eo Aborahama a mo tswaletsweng ke Hagare wa Moegepeta a ntse a tsheha Isaka ka mokgwa o somang.

10. Kahoo a re ho Aborahama: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka Isaka.”

11. Ntho ena ya utlwisa Aborahama bohloko haholo, ka baka la mora wa hae.

12. Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.

13. Le ka yena mora wa mosadi wa lekgoba ke tla etsa setjhaba, hobane ke ngwana wa hao.”

14. Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.

15. Ha metsi a ka lekukeng a se a fedile, yaba Hagare o bea moshanyana katlasa sehlahla se seng.

16. Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko.

17. Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.

Tshimoloho 21