Tshimoloho 20:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. Na hase yena ya ileng a re ho nna: <Ke kgaitsedi ya ka>? Le yena mosadi a re: <Ke ngwaneso>? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”

6. Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame.

7. Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”

8. Yaba Abimeleke o tsoha ka madungwadungwana, o bitsa bahlanka ba hae bohle, o ba bolella tsena tsohle. Banna bao ba tshoha haholo.

9. Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.”

10. A boela a re ho Aborahama: “O ne o hopotse eng, ha o tla etsa ntho ee?”

11. Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.

12. Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka.

Tshimoloho 20