11. Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.
12. Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka.
13. Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: <Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka!> ”
14. Yaba Abimeleke o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, le makgoba a banna le a basadi, a di nea Aborahama, a mo kgutlisetsa mosadi wa hae, Sara.
15. Abimeleke a re: “Bona, naha ya ka ke eo; ikgahele moo o ratang teng.”
16. Ho Sara a re: “Bona, ke neile ngwaneno silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le motso o mong le halofo; hona ke ho o hlomphisa bohle ba nang le wena, mme mahlong a bohle o lokafaditswe.”
17. Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.
18. Modimo o ne a kwetse dipopelo tsa ba lelapa la Abimeleke ka baka la Sara, mosadi wa Aborahama.