Tshimoloho 20:10-15 BIBELE (SSO89SO)

10. A boela a re ho Aborahama: “O ne o hopotse eng, ha o tla etsa ntho ee?”

11. Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.

12. Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka.

13. Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: <Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka!> ”

14. Yaba Abimeleke o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, le makgoba a banna le a basadi, a di nea Aborahama, a mo kgutlisetsa mosadi wa hae, Sara.

15. Abimeleke a re: “Bona, naha ya ka ke eo; ikgahele moo o ratang teng.”

Tshimoloho 20