1. Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.
2. Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara.
3. Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.”
4. Abimeleke o ne a eso kene dikobong tsa hae; jwale a re: “Morena, na o tla bolaya batho ba se nang molato?
5. Na hase yena ya ileng a re ho nna: <Ke kgaitsedi ya ka>? Le yena mosadi a re: <Ke ngwaneso>? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”