Tshimoloho 19:35-38 BIBELE (SSO89SO)

35. Le bosiung bona boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e monyenyane a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha.

36. Yaba baradi ba Lota, ka bobedi ba bona, e ba baimana ka ntata bona.

37. E moholo a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Moabe. Ke yena ntata ba bitswang Bamoabe le kajeno.

38. E monyenyane le yena a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Bene-Ami. Ke yena ntata ba bitswang Baamone le kajeno.

Tshimoloho 19