21. Morena a re ho yena: “Bona, le tabeng ena ke o mametse; ha ke na ho timetsa motse oo o buileng ka wona.
22. Potlaka, o balehele ho wona, hobane nke ke ka etsa letho, ho fihlela o fihla moo.”Ke ka baka lena motse oo o ileng wa bitswa Soware.
23. Letsatsi le ne le se le tjhabile ha Lota a fihla Soware.
24. Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.
25. A ripitla metse eo, le phula yohle, le baahi bohle ba metse eo, le dimela tsohle tse metseng teng.
26. Empa mosadi wa hae, ya neng a mo setse morao, a hetla, mme a fetoha tshiya ya letswai.
27. Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a ya sebakeng seo a neng a eme ho sona ha a le kapela Morena.
28. A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.
29. Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona.
30. Lota a nyoloha Soware, a ya aha dithabeng le baradi ba hae ba babedi, hobane o ne a tshaba ho aha Soware; yaba o phela lehaheng le baradi ba hae ba babedi.
31. Moradi e moholo a re ho e monyenyane: “Ntata rona o se a tsofetse, mme ha ho na monna lefatsheng ya ka kenang dikobong tsa rona ka mokgwa wa batho ba lefatshe lohle.
32. Tloo, re nwese ntata rona veine, re tle re robale le yena, re tsose leloko ka ntata rona.”
33. Bosiung boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e moholo a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha.
34. Ka letsatsi le hlahlamang e moholo a re ho e monyenyane: “Bona, bosiung ba maobane ke ile ka robala le ntate. Bosiung bona a re mo nwese veine hape, o tle o kene, o yo robala le yena, re tle re tsose leloko ka ntata rona.”