21. Morena a re ho yena: “Bona, le tabeng ena ke o mametse; ha ke na ho timetsa motse oo o buileng ka wona.
22. Potlaka, o balehele ho wona, hobane nke ke ka etsa letho, ho fihlela o fihla moo.”Ke ka baka lena motse oo o ileng wa bitswa Soware.
23. Letsatsi le ne le se le tjhabile ha Lota a fihla Soware.
24. Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.
25. A ripitla metse eo, le phula yohle, le baahi bohle ba metse eo, le dimela tsohle tse metseng teng.
26. Empa mosadi wa hae, ya neng a mo setse morao, a hetla, mme a fetoha tshiya ya letswai.
27. Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a ya sebakeng seo a neng a eme ho sona ha a le kapela Morena.
28. A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.
29. Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona.
30. Lota a nyoloha Soware, a ya aha dithabeng le baradi ba hae ba babedi, hobane o ne a tshaba ho aha Soware; yaba o phela lehaheng le baradi ba hae ba babedi.
31. Moradi e moholo a re ho e monyenyane: “Ntata rona o se a tsofetse, mme ha ho na monna lefatsheng ya ka kenang dikobong tsa rona ka mokgwa wa batho ba lefatshe lohle.