Tshimoloho 19:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”

14. Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.

15. Yare ha mafube a hlaha, mangeloi a pheella Lota, a re: “Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi, ba leng teng mona, o balehe; esere wa timela ha motse ona o otlwa.”

16. Empa a dikadika; kahoo banna bao ba mo hula ka letsoho, mmoho le mosadi wa hae le baradi ba hae ba babedi, hobane Morena o ne a mo hauhetse. Ba mo ntshetsa kantle ho motse.

17. Ha ba se ba ba ntsheditse kantle, ba re ho bona: “Balehang le ipholose! Le se ke la hetla, kapa la ema kae kapa kae hara phula. Le balehele thabeng, ho seng jwalo le tla timela!”

18. Lota a re: “Ho se be jwalo, hle, Morena wa ka.

19. Mohlanka wa hao o fumane mohau ho wena, mme o nkgauhetse haholo ka ho mpholosa. Empa ke sitwa ho balehela thabeng, esere koduwa ya mphumana, mme ka shwa.

20. Bona, motse ono o haufi hoo nka balehelang ho wona, o bile o monyenyane. A nke ke balehele ho wona hle! Na ha o monyenyane, hore ke tle ke pholohe?”

21. Morena a re ho yena: “Bona, le tabeng ena ke o mametse; ha ke na ho timetsa motse oo o buileng ka wona.

22. Potlaka, o balehele ho wona, hobane nke ke ka etsa letho, ho fihlela o fihla moo.”Ke ka baka lena motse oo o ileng wa bitswa Soware.

23. Letsatsi le ne le se le tjhabile ha Lota a fihla Soware.

24. Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.

Tshimoloho 19