Tshimoloho 19:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.

2. Yaba o re: “Benghadi ba ka, ke a le rapela, fapohelang tlung ya mohlanka wa lona, le robaletse, le itlhatswe maoto, le tle le tsohe ka madungwadungwana, le tswele pele leetong la lona.”Mangeloi a re: “Tjhe, re tla ithoballa mabaleng a motse.”

3. Empa a a pheella ka matla, mme a fapohela ho yena, a kena tlung ya hae. A a lokisetsa dijo, a a phehela bohobe bo sa lomoswang, mme a eja.

4. Empa yare ho eso robalwe, banna ba motse, banna ba Sodoma, bahlankana le maqheku, banna bohlebohle, ba etsetsa ntlo sakanalankope.

5. Ba howeletsa Lota, ba re: “Banna bale ba fihlileng ha hao phirimaneng ye ba kae? Ba tlise kwano ho rona, re tlo ba ja maotwana!”

6. Lota a tswa monyako, a kwala lemati, a ya ho banna ba kantle,

7. mme a re: “Ke a le rapela, bana beso; se keng la etsa bokgopo bo tjena.

8. Bonang, ke na le baradi ba babedi, ba eso robale le monna; ha ke mpe ke le tlisetse bona, le etse seo le se ratang ka bona. Feela banna bana bona le se ke la ba etsa letho, hobane ba tshireletsong ya ka.”

9. Empa banna ba Sodoma ba re: “Suthela kwana!” Yaba ba re: “Mothwana enwa ke mojaki feela, empa o rata ho re laela! O rata ho ba moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe le ho feta bona!” Ba etsa senkgome hodima Lota, mme ba atamela hore ba robe lemati.

10. Empa banna ba ka tlung ba nanabetsa matsoho a bona, ba hulela Lota ka tlung ho bona, ba kwala lemati.

11. Yaba ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ba banyenyane le ba baholo, hoo ba bileng ba kgathala ke ho nna ba phopholetsa hore na lemati le hokae.

12. Jwale banna bao ba re ho Lota: “Na o na le ba bang moo: bakgwenyana, bara, baradi, kapa mang le mang wa heno ya motseng oo? Ba ntshe sebakeng sena,

13. hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”

14. Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.

Tshimoloho 19