7. Jwale Aborahama a mathela mohlapeng wa dikgomo, a kgetha namane e nonneng, e nama e bonojwana, mme a e nea mohlanka; yena a e hlaba ka potlako.
8. A nka sereledi le lebese la motsididi, le nama ya namane e phehilweng hantle, tsena a di bea kapele ho bona; yena a ema pela bona, tlasa sefate, ha ba ntse ba eja.
9. Yaba ba re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sara o kae?”A araba, a re: “O ka tenteng.”
10. Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.”Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona.
11. Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.
12. Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?”
13. Morena a re ho Aborahama: “Sara o tshehelang, ha a re: <Nna ruri nka tswala ngwana, ke se ke tsofetse tjee?>