Tshimoloho 18:29-33 BIBELE (SSO89SO)

29. Aborahama a boela a bua le yena hape, a re: “Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mane!”Morena a re: “Ka baka la bao ba mashome a mane ha nka ke ka etsa jwalo.”

30. Yaba Aborahama o re: “Morena a se ke a mpa a halefa, ke tle ke tsebe ho bua. Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mararo!”Morena a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mararo teng, nke ke ka etsa jwalo.”

31. Aborahama a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena. Ere mohlomong ho ka fumanwa ba mashome a mabedi teng?”Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba mashome a mabedi ha ke na ho o timetsa.”

32. Yaba Aborahama o re: “Oho, Morena a se ke a mpa a halefa hle, ke mpe ke bue la ho qetela. Teng haeba ho ka fumanwa ba leshome?”Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba leshome nke ke ka o timetsa.”

33. Hoba Morena a qete ho bua le Aborahama, yaba o a itsamaela, mme Aborahama a kgutlela ha hae.

Tshimoloho 18