22. Banna bao ba tloha moo ba leba nqa Sodoma, empa Aborahama a sala a eme kapela Morena.
23. Jwale Aborahama a atamela, a re: “Na o tla hlo timetse ba lokileng mmoho le ba kgopo?
24. Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona?
25. Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”
26. Morena a re: “Haeba nka fumana motseng wa Sodoma ho ena le ba mashome a mahlano ba lokileng, ke tla o tshwarela kaofela ka baka la bona.”
27. Aborahama a boela a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena, le hoja ke le lerole le molora feela.
28. Ere ho haella ba bahlano, ho phetha palo ya mashome a mahlano a ba lokileng, na o tla timetsa motse oo ka baka la ba bahlano bao ba haellang?”Morena a araba, a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mane a metso e mehlano, ha nka ke ka o timetsa.”
29. Aborahama a boela a bua le yena hape, a re: “Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mane!”Morena a re: “Ka baka la bao ba mashome a mane ha nka ke ka etsa jwalo.”
30. Yaba Aborahama o re: “Morena a se ke a mpa a halefa, ke tle ke tsebe ho bua. Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mararo!”Morena a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mararo teng, nke ke ka etsa jwalo.”
31. Aborahama a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena. Ere mohlomong ho ka fumanwa ba mashome a mabedi teng?”Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba mashome a mabedi ha ke na ho o timetsa.”
32. Yaba Aborahama o re: “Oho, Morena a se ke a mpa a halefa hle, ke mpe ke bue la ho qetela. Teng haeba ho ka fumanwa ba leshome?”Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba leshome nke ke ka o timetsa.”