Tshimoloho 18:21-30 BIBELE (SSO89SO)

21. Ke tla theohela teng ho ya bona hore na ba entse kamoo sello se fihlang ho nna se leng kateng, mme haeba ho se jwalo, ke tla tseba.”

22. Banna bao ba tloha moo ba leba nqa Sodoma, empa Aborahama a sala a eme kapela Morena.

23. Jwale Aborahama a atamela, a re: “Na o tla hlo timetse ba lokileng mmoho le ba kgopo?

24. Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona?

25. Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”

26. Morena a re: “Haeba nka fumana motseng wa Sodoma ho ena le ba mashome a mahlano ba lokileng, ke tla o tshwarela kaofela ka baka la bona.”

27. Aborahama a boela a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena, le hoja ke le lerole le molora feela.

28. Ere ho haella ba bahlano, ho phetha palo ya mashome a mahlano a ba lokileng, na o tla timetsa motse oo ka baka la ba bahlano bao ba haellang?”Morena a araba, a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mane a metso e mehlano, ha nka ke ka o timetsa.”

29. Aborahama a boela a bua le yena hape, a re: “Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mane!”Morena a re: “Ka baka la bao ba mashome a mane ha nka ke ka etsa jwalo.”

30. Yaba Aborahama o re: “Morena a se ke a mpa a halefa, ke tle ke tsebe ho bua. Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mararo!”Morena a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mararo teng, nke ke ka etsa jwalo.”

Tshimoloho 18