Tshimoloho 18:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Empa Sara a latola, a re: “Ha ke a ka ka tsheha;” a rialo hobane o ne a tshaba.Morena a re: “Tjhe, o ile wa tsheha.”

16. Jwale banna bao ba ema, ba tloha moo, ba leba nqa Sodoma. Aborahama a ba felehetsa, ho ba fihlisa tseleng.

17. Morena a re: “Na ebe nka patela Aborahama seo ke leng lekgatheng la ho se etsa,

18. ha e le moo Aborahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme le ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka yena?

19. Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”

20. Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!

21. Ke tla theohela teng ho ya bona hore na ba entse kamoo sello se fihlang ho nna se leng kateng, mme haeba ho se jwalo, ke tla tseba.”

22. Banna bao ba tloha moo ba leba nqa Sodoma, empa Aborahama a sala a eme kapela Morena.

23. Jwale Aborahama a atamela, a re: “Na o tla hlo timetse ba lokileng mmoho le ba kgopo?

24. Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona?

25. Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”

Tshimoloho 18