1. Morena a iponahatsa ho Aborahama a le difateng tsa eike, tsa Mamore, moo a neng a dutse monyako wa tente, ka nako eo letsatsi le neng le tjhesa haholo.
2. A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,
3. a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao.