Tshimoloho 17:17-27 BIBELE (SSO89SO)

17. Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”

18. Yaba Aborahama o re ho Modimo: “Ishemaele a ke a o phelele!”

19. Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.

20. Ha e le tabeng ya Ishemaele, ke o mametse: bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo fe bana ba bangata, ke ba atise haholo. O tla tswala mahosana a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.

21. Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.”

22. Hoba Modimo a qete ho bua le Aborahama, a nyoloha, a tloha ho yena.

23. Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.

24. Aborahama o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong ha a bolla,

25. mme mora wa hae Ishemaele yena a bolla ha a ena le dilemo tse leshome le metso e meraro.

26. Ka lona letsatsi leo Aborahama le mora wa hae Ishemaele ba bolotswa;

27. le banna bohle ba lelapa la hae, le ba tswaletsweng tlung ya hae, le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba, le bona ba bolotswa le yena.

Tshimoloho 17