Tshimoloho 17:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. E, ho tla bolotswa ngwana ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ya hao. Selekane sa ka se tla ba nameng ya hao, e be selekane sa mehla yohle.

14. Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”

15. Modimo a boela a re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sarai, o se hlole o mmitsa Sarai; lebitso la hae e tla ba Sara.

16. Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”

17. Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”

18. Yaba Aborahama o re ho Modimo: “Ishemaele a ke a o phelele!”

19. Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.

20. Ha e le tabeng ya Ishemaele, ke o mametse: bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo fe bana ba bangata, ke ba atise haholo. O tla tswala mahosana a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.

21. Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.”

22. Hoba Modimo a qete ho bua le Aborahama, a nyoloha, a tloha ho yena.

23. Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.

24. Aborahama o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong ha a bolla,

25. mme mora wa hae Ishemaele yena a bolla ha a ena le dilemo tse leshome le metso e meraro.

Tshimoloho 17