7. Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,
8. mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?”Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.”
9. Empa lengeloi la Morena la re: “Kgutlela ho monga hao, mme o ikokobetse tlasa hae.”
10. Lengeloi la Morena la boela la re ho yena: “Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, hoo di ke keng tsa balwa ka baka la bongata.”
11. Hape lengeloi la Morena la re ho yena:“Bona, o moimana,mme o tla tswala mora.O tla mo rea lebitso la Ishemaele,hobane Morena o utlwilematshwenyeho a hao.
12. E tla ba monna ya kang tonkiya naha ka bohlaha,o tla lwantsha bohle,mme bohle ba tla mo lwantsha;o tla aha ka botjhabelaho bana babo bohle,a ba lwantshe.”
13. Hagare a re lebitso la Morena ya neng a bua le yena ke “Modimo ya Bonang”, hobane o ne a re: “Na ke nnete ke hlile ke bone Modimo, mme ke ntse ke phela kamora pono eo ya ka?”
14. Ka lebaka lena sediba sena sa bitswa Sediba sa Lakai-Roi. Se pakeng tsa Kadeshe le Berede.
15. Hagare a tswalla Aborame mora, mme Aborame a rea mora eo a mo tswaletsweng ke Hagare lebitso la Ishemaele.
16. Aborame o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e tsheletseng ha Hagare a mo tswalla mora, Ishemaele.