4. Aborame a kena dikobong tsa Hagare, mme Hagare ya eba moimana; jwale a qala ho nyedisa monga hae.
5. Sarai a re ho Aborame: “Nyediso ena ke e etsetswa ka baka la hao! Ke nna ya o neileng lekgoba lena ho ba mosadi wa hao, empa haesale le hlokomela hore le ithwetse le a nnyedisa. A e ke e be Morena ya ahlolang pakeng tsa rona le wena!”
6. Aborame a re ho Sarai: “Lekgoba leo la mosadi le matsohong a hao; etsa kamoo o ratang kateng ka lona.” Sarai a le hlorisa haholo, hoo le bileng la baleha.
7. Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,
8. mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?”Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.”
9. Empa lengeloi la Morena la re: “Kgutlela ho monga hao, mme o ikokobetse tlasa hae.”
10. Lengeloi la Morena la boela la re ho yena: “Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, hoo di ke keng tsa balwa ka baka la bongata.”