1. Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare.
2. Sarai a re ho Aborame: “Morena o ntlhokisitse thari; ka baka lena eya, o kene dikobong tsa lekgoba lena la mosadi, mohlomong ke tla ba le bana ka lona.”Aborame a dumela kopo ya Sarai.
3. Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae.
4. Aborame a kena dikobong tsa Hagare, mme Hagare ya eba moimana; jwale a qala ho nyedisa monga hae.
5. Sarai a re ho Aborame: “Nyediso ena ke e etsetswa ka baka la hao! Ke nna ya o neileng lekgoba lena ho ba mosadi wa hao, empa haesale le hlokomela hore le ithwetse le a nnyedisa. A e ke e be Morena ya ahlolang pakeng tsa rona le wena!”
6. Aborame a re ho Sarai: “Lekgoba leo la mosadi le matsohong a hao; etsa kamoo o ratang kateng ka lona.” Sarai a le hlorisa haholo, hoo le bileng la baleha.
7. Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,
8. mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?”Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.”
9. Empa lengeloi la Morena la re: “Kgutlela ho monga hao, mme o ikokobetse tlasa hae.”