2. Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”
3. Aborame a boela a re: “Bona, ha o a mpha ngwana, mme mohlanka ya tswaletsweng lapeng la ka e tla ba mojalefa wa ka.”
4. Yaba Morena o bua ho yena, o re: “Tjhe, eo e ke ke ya eba mojalefa wa hao; mojalefa wa hao e tla ba mora ya tswang lethekeng la hao.”
5. A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”
6. Aborame a dumela ho Morena, mme Morena a mmalla hoo e le ho loka.
7. Yaba o re ho yena: “Ke nna Morena ya o ntshitseng Ure e naheng ya Bakalatiya, ho tla o nea naha ena hore e be ya hao.”
8. Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, ke tla tseba jwang hore ke tla e rua?”
9. Yaba Morena o re ho yena: “Ntlisetse kgomo ya sethole e lemo di tharo, le podi e tshehadi e lemo di tharo, le pheleu e lemo di tharo, le leebana-kgorwana, le ledinyane la leeba.”
10. A mo tlisetsa tsena kaofela, a di kgekgetha, a bea mokgekgetho ka mong o bapile le wa habo wona, empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha.
11. Manong a ubella dififi tsena, empa Aborame a a leleka.
12. Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela.
13. Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.
14. Empa ke tla ahlola setjhaba se tla di etsa makgoba, mme hamorao di tla tloha teng di ena le maruo a mangata.