15. Ha e le wena o tla ikela ho bo-ntatao ka kgotso, mme o tla shwa hoba o phele halelele ka boiketlo.
16. Moloko wa bone o tla kgutlela mona, hobane bokgopo ba Baamore ha bo eso phethehe.”
17. Ha letsatsi le se le diketse, mme ho se ho fifetse haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi, le kganare ya mollo; tsena tsa feta pakeng tsa mekgekgetho eo.
18. Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;
19. le naha ya Bakene, le ya Bakenase, le ya Bakadamone,
20. le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Barefaime,
21. le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Bagirigashe, le ya Bajebuse.”