Tshimoloho 15:10-15 BIBELE (SSO89SO)

10. A mo tlisetsa tsena kaofela, a di kgekgetha, a bea mokgekgetho ka mong o bapile le wa habo wona, empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha.

11. Manong a ubella dififi tsena, empa Aborame a a leleka.

12. Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela.

13. Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.

14. Empa ke tla ahlola setjhaba se tla di etsa makgoba, mme hamorao di tla tloha teng di ena le maruo a mangata.

15. Ha e le wena o tla ikela ho bo-ntatao ka kgotso, mme o tla shwa hoba o phele halelele ka boiketlo.

Tshimoloho 15