1. Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re:“Se tshabe, Aborame!Ke thebe ya hao;moputso wa haoo tla ba moholo haholo.”
2. Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”
3. Aborame a boela a re: “Bona, ha o a mpha ngwana, mme mohlanka ya tswaletsweng lapeng la ka e tla ba mojalefa wa ka.”