Tshimoloho 14:11-24 BIBELE (SSO89SO)

11. Ba hlotseng ba hapa maruo wohle a Sodoma le Gomora, le dijo tsa bona tsohle, mme ba ikela.

12. Ba hapa le Lota, mora wa moena Aborame, ya neng a ahile Sodoma, mmoho le thepa yohle ya hae.

13. Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame.

14. Ha Aborame a utlwa hore mora wa moena hae o hapilwe, a phalla le banna ba hae ba hlometseng ba makgolo a mararo le leshome le metso e robedi, ba tswaletsweng tlung ya hae, mme ba ba lelekisa ho ya fihla Dane.

15. Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka.

16. A kgutla le thepa yohle, esita le yena Lota mora wa moena hae, le thepa ya hae, mmoho le basadi le batho kaofela.

17. Ha Aborame a kgutla ho tswa hlola Kedore-Laomere, le dikgosi tse neng di mo tlatsitse, kgosi ya Sodoma ya ya mo kgahlanyetsa kgohlong ya Shafe, e leng Kgohlo ya Kgosi.

18. Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re:

19. “Ho hlohonolofatswe Aborameke Modimo ya hodimodimo,Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe.

20. Ho bokwe Modimo ya hodimodimo,ya o thusitsengho hlola dira tsa hao.”Jwale Aborame a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome tse hapilweng.

21. Kgosi ya Sodoma ya re ho Aborame: “Nkgutlisetse batho, o ipolokele thepa.”

22. Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe;

23. hore nke ke ka nka kgwele, leha e le leqhwele la seeta; le hore nke ke ka nka letho leo e leng la hao, esere wa re: <Ke ruisitse Aborame.>

24. Nna ha ke nke letho, haese feela seo bahlankana ba se jeleng, le seabo sa banna ba neng ba ile le nna, e leng bo-Anere, le Eshekole, le Mamore. Bona ba ka nka seabo sa bona.”

Tshimoloho 14