1. Mehleng ya Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara, le Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime,
2. dikgosi tsena tsa futuhela Bera kgosi ya Sodoma, le Biresha kgosi ya Gomora, le Shinabe kgosi ya Adema, le Shemebere kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware.
3. Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai.
4. Ka dilemo tse leshome le metso e mmedi di ne di buswa ke Kedore-Laomere, empa ka selemo sa leshome le metso e meraro tsa mo fetohela.
5. Ka selemo sa leshome le metso e mene Kedore-Laomere le dikgosi tse neng di ikopantse le yena, a tla, mme a hlola Barefaime ba le Ashetarote-Karanaime, le Basusime ba le Hame, le Baemime ba le thoteng ya Kiriataime;
6. le Bahore ba le thabeng ya bona ya Seire, ho ya fihla Ele-Parane, haufi le lehwatata.
7. Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.
8. Ke ha ho futuha kgosi ya Sodoma, le kgosi ya Gomora, le kgosi ya Adema, le kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware, mme tsa itokisetsa ntwa ka phuleng ya Sidime;
9. tsa lwantsha Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime, le Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara: dikgosi tse nne tsa lwantsha dikgosi tse hlano.
10. Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.
11. Ba hlotseng ba hapa maruo wohle a Sodoma le Gomora, le dijo tsa bona tsohle, mme ba ikela.
12. Ba hapa le Lota, mora wa moena Aborame, ya neng a ahile Sodoma, mmoho le thepa yohle ya hae.
13. Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame.
14. Ha Aborame a utlwa hore mora wa moena hae o hapilwe, a phalla le banna ba hae ba hlometseng ba makgolo a mararo le leshome le metso e robedi, ba tswaletsweng tlung ya hae, mme ba ba lelekisa ho ya fihla Dane.