1. Morena a re ho Aborame: “Tloha naheng ya heno, le ho bang ka wena, le tlung ya ntatao, o fallele naheng eo ke tla o supisa yona.
2. “Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.
3. Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”
4. Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano.
5. Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana.
6. Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo.
7. Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.
8. Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.
9. Aborame a tsamaya a hloma a hlomola, a leba borwa.