24. Arepakeshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere.
25. Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena hae e ne e le Jokotane.
26. Jokotane a tswala Alamodade, le Shelefe, le Hasere-Mafete, le Jerahe,
27. le Hadorame, le Usale, le Dikela,
28. le Obale, le Abimaele, le Sheba,
29. le Ofire, le Hafila, le Jobabe. Bana bohle ke bara ba Jokotane.
30. Ba ne ba ahile Mesha, ho ya fihla Sefare, dithabeng tse ka botjhabela.
31. Bana ke bara ba Sema, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.
32. Ana ke wona malapa a bara ba Nowe, ho ya ka meloko ya bona, le ka merabe ya bona. Ditjhaba tse tswang ho bona di ile tsa arohana lefatsheng kamora morallo wa metsi.