11. A tloha naheng eo, a ya Asure; a haha Ninife le Rehobote-Ire, le Kalaha,
12. le Resene, pakeng tsa Ninife le Kalaha, e leng wona motse o moholo.
13. Miseraime a tswala Balode, le Baaname, le Balebahe, le Banafetuhe,
14. le Bapatarusi, le Bakasalohe, ba tswetseng Bafilesita, le Bakafatore.
15. Kanana a itsibola ka Sidone, ya tla ba Hete,
16. le Bajebuse, le Baamore, le Bagirigashe,
17. le Bahife, le Baareki, le Basine,
18. le Baarefade, le Basemare, le Bahamate. Kamora mona malapa a Bakanana a namela hohle.
19. Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
20. Bana ke bara ba Kama, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.
21. Sema, ntata bana bohle ba Ebere, moholwane wa Jafeta, le yena a tswallwa bana.
22. Bara ba Sema ke Elame, le Asure, e Arepakeshade, le Lode, le Arame.
23. Bara ba Arame ke Use, le Hule, le Getere, le Masha.
24. Arepakeshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere.
25. Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena hae e ne e le Jokotane.
26. Jokotane a tswala Alamodade, le Shelefe, le Hasere-Mafete, le Jerahe,
27. le Hadorame, le Usale, le Dikela,
28. le Obale, le Abimaele, le Sheba,
29. le Ofire, le Hafila, le Jobabe. Bana bohle ke bara ba Jokotane.