1. Ena ke meloko ya bara ba Nowe, e leng Sema le Kama le Jafeta. Kamora morallo wa metsi ba ne ba tswale bara.
2. Bana ke bara ba Jafeta: Gomere, le Magogo, le Madai, le Jafane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.
3. Bana ke bara ba Gomere: Ashekenase, le Rifate, le Togarema.
4. Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime.
5. Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.
6. Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana.
7. Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane.
8. Kushe a tswala Nimerode; Nimerode ya eba senatla se seholo lefatsheng.
9. Mahlong a Modimo e ne e le setsomi se matla, mme ke ka baka lena ho yeng ho thwe: “Jwaloka Nimerode, setsomi se matla mahlong a Modimo.”
10. Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare.